1. Mohlang oo, ka tsatsi le leng, ha a ntse a ruta batho tempeleng, a ba bolella Evangeli, baprista ba baholo, le bangodi, le baholo ba setjhaba ba tla,
2. ba bua le yena, ba re: Ako re bolelle matla ao o etsang ntho tseo ka wona, le hoba ya o fileng matla ao ke mang na?
3. A araba, a re ho bona: Ke tla le botsa taba le nna.
4. Mpolelleng, na kolobetso ya Johanne e ne e tswa lehodimong, kapa e ne e tswa bathong na?
5. Jwale ba eletsana hammoho, ba re: Ha re ka re: E ne e tswa lehodimong, o tla re: Ha le a ka la e dumela keng?
6. Mme ha re ka re: E ne e tswa bathong, setjhaba kaofela se tla re tlepetsa ka majwe; hobane se kgotswe hoba Johanne e ne e le moporofeta.
7. Ba araba, ba re: Ha re tsebe moo e tswang teng.
8. Yaba Jesu o re ho bona: Le nna nke ke ka le bolella matla ao ke etsang ntho tseo ka wona.