Luka 2:46-52 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

46. Kamora matsatsi a mararo, ba mo fumana tempeleng, a dutse hara baruti, a ba mamela, a ba botsa.

47. Bohle ba mo utlwang ba ne ba tsota hlalefo ya hae le dikarabo tsa hae.

48. Ha ba mmona, ba makala haholo; mmae a re ho yena: Ngwana ka, o re etseditseng jwalo? O ka bona, ntatao le nna, re ne re o batla re tshohile haholo.

49. A re ho bona: Le ne le mpatlelang? Na le ne le sa tsebe hoba ke tshwanetse ho ba teng ditabeng tsa Ntate na?

50. Empa ha ba ka ba utlwisisa taba eo a ba bolellang yona.

51. Yaba o theoha le bona, a ya Nasaretha. O ne a ba utlwa; mme mmae a nna a boloka ditaba tseo kaofela pelong ya hae.

52. Mme Jesu a nna a hola hlalefong, le boemong, le molemong, pela Modimo le batho.

Luka 2