23. jwalokaha ho ngodilwe molaong wa Morena, ho thwe: Ngwana e mong le e mong e motona wa letsibolo o tla bitswa mokgethwa wa Morena.
24. Ba ya le hore ba hlahise sehlabelo se laetsweng molaong wa Morena, sa maebanakgorwana a mabedi, leha e le sa madinyane a mabedi a maeba.
25. Ho ne ho na le monna Jerusalema, ya bitswang Simeone; monna eo o ne a lokile, a hlonepha Modimo, a lebeletse tshediso ya Iseraele; mme Moya o Halalelang o ne o le ho yena.
26. O ne a senoletswe pele ke Moya o Halalelang hoba a ke ke a bona lefu, a eso ho bone Kreste wa Morena.
27. A iswa tempeleng ke Moya o Halalelang; mme ngwana Jesu ha a tliswa ke baholo ba hae, ho tle ho etswe bakeng sa hae ka taelo ya molao,
28. a mo nkela matsohong a hae, a boka Modimo, a re:
29. Jwale, Monghadi, o lese mohlanka wa hao, a ye ka kgotso, ka polelo ya hao;
30. hobane mahlo a ka a bone poloko ya hao,
31. eo o e lokisitseng pontsheng ya ditjhaba kaofela,
32. hore e be lesedi le tla bonesa ditjhaba, le kganya ya Iseraele, setjhaba sa hao.
33. Josefa le mma ngwana ba ne ba makala ke ditaba tsohle tseo a bolelwang ka tsona.
34. Simeone a ba hlohonolofatsa, a re ho Maria, mma ngwana: Bona, ngwana enwa o beetswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng, le ho ba pontsho e hanyetswang;
35. le hona, lerumo le tla hlaba pelo ya hao, hore mehopolo ya dipelo tse ngata e tle e senolwe.
36. Hape, ho ne ho le Anna, moporofeta wa mosadi, moradi wa Fanuele, wa leloko la Asere; o ne a se a hodile haholo, a kile a ba le monna ka dilemo tse supileng ho tloha borwetsaneng ba hae;
37. mme jwale, e ne e se e le mohlolohadi wa dilemo tse batlileng ho ba mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mene; o ne a sa tlohe tempeleng, empa o ne a sebeletsa Modimo ka ho itima dijo le ka ho rapela bosiu le motshehare.
38. Le yena a hlaha nakong yona eo, a boka Morena, mme a bolela tsa Jesu ho bohle ba lebeletseng topollo Jerusalema.