12. Seo e tla ba pontsho ho lona, le tla fihlela lesea le phuthetsweng, le robaditsweng sejelong.
13. Yaba bongata ba makgotla a lehodimo bo phakisa bo eba le lengeloi leo, ba boka Modimo, ba re:
14. Kganya e be ho Modimo mahodimong a hodimo, kgotso e be lefatsheng ho batho bao o kgahlwang ke bona.
15. Eitse hobane mangeloi a ba tlohele ho kgutlela lehodimong, badisa ba buisana, ba re: A re hle re yeng Bethlehema, re tle re bone taba eo e hlahileng teng, eo Morena a re tsebisitseng yona.
16. Yaba ba phakisa ba eya, ba fihlela Maria, le Josefa, le lesea le robaditsweng sejelong.
17. Eitse hobane ba le bone, ba bolela kahohle taba tsa ngwana, tseo ba di boleletsweng.
18. Bohle ba utlwang, ba makala ke ditaba tseo ba di bolellwang ke badisa.
19. Haele Maria, a boloka ditaba tseo tsohle, a di nahana pelong ya hae.
20. Badisa bona ba kgutla, ba ntse ba rorisa Modimo, ba o boka ka baka la tsohle tseo ba di utlwileng, le tseo ba di boneng, kamoo ba di boleletsweng kateng.
21. Matsatsi a robileng meno e le mmedi a ho tla bolotsa ngwana ha a fetile, ba mo rea lebitso la Jesu, leo a neng a le reilwe ke lengeloi, a eso ho emolwe popelong.
22. Hobane ho fete matsatsi ao ba itlhatswang ka wona, ka molao wa Moshe, ba isa ngwana Jerusalema, ho mo hlahisa pela Morena;
23. jwalokaha ho ngodilwe molaong wa Morena, ho thwe: Ngwana e mong le e mong e motona wa letsibolo o tla bitswa mokgethwa wa Morena.
24. Ba ya le hore ba hlahise sehlabelo se laetsweng molaong wa Morena, sa maebanakgorwana a mabedi, leha e le sa madinyane a mabedi a maeba.
25. Ho ne ho na le monna Jerusalema, ya bitswang Simeone; monna eo o ne a lokile, a hlonepha Modimo, a lebeletse tshediso ya Iseraele; mme Moya o Halalelang o ne o le ho yena.