Luka 19:24-41 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Yaba o re ho ba leng teng: Mo amoheng ponto eo, le e nee ya nang le diponto tse leshome.

25. Ba re ho yena: Morena, o se a ena le diponto tse leshome.

26. Ke fela ke re ho lona: Ho tla fuwa e mong le e mong ya nang le ntho; empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a nang le sona.

27. Haele dira tseo, tse sa kang tsa rata hoba ke di buse, di tliseng mona, le di bolaye pela ka.

28. Eitse hobane a bue taba tseo, a ba etella pele, a nyolohela Jerusalema.

29. Eitse ha a atametse Bethefage le Bethania, pela thaba e bitswang ya Mehlwaare, a roma barutuwa ba hae ba le babedi,

30. a re: Eyang motsaneng oo le o lebileng; etlare ha le sa kena ho wona, le tla fumana petsana ya esele e holehilweng, e esong ho kallwe ke motho le ka mohla o le mong; e lokolleng, le e tlise.

31. Ha e mong a ka le botsa, a re: Le e lokollelang? le re ho yena: Ke hobane Morena o a e hloka.

32. Ba romilweng ba ya, ba fihlela ho le jwalokaha ba boleletswe.

33. Eitse ha ba lokolla petsana, beng ba yona ba ba botsa, ba re: Petsana eo le e lokollelang?

34. Ba re: Morena o a e hloka.

35. Jwale ba tla le yona ho Jesu, ba ala dikobo tsa bona hodima petsana, mme ba hlwesa Jesu hodima yona.

36. Ha a ntse a tsamaya, ba ala dikobo tsa bona tseleng.

37. Ha a se a atametse motheo wa thaba ya Mehlwaare, bongata jwa barutuwa kaofela ba qala ho thaba, ba boka Modimo ka mantswe a maholo, ka baka la mehlolo yohle eo ba e boneng;

38. ba re: Ho bokwe monghadi ya tlang ka lebitso la Morena! Kgotso e be lehodimong, le kganya mahodimong a hodimodimo!

39. Bafarisi ba bang, ba hara bongata, ba re ho yena: Moruti, kgalemela barutuwa ba hao.

40. A ba araba, a re ho bona: Ke a le bolella, ke re: Bao ha ba ka kgutsa, majwe a ka howa.

41. Ha a atametse Jerusalema, a bona motse, a o llela,

Luka 19