Luka 18:24-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Eitse ha Jesu a bona hobane o swabile haholo, a re: Ho thata hakakang ho ba nang le maruo ho kena mmusong wa Modimo!

25. Ho ka ba bonolo hore kamele e kene ka lesoba la lemao, ho ena le hore morui a kene mmusong wa Modimo.

26. Ba utlwileng tseo ba re: Ho ka bolokeha mang na?

Luka 18