30. Ho tla ba jwalo ka letsatsi leo Mora motho a tla hlaha ka lona.
31. Ka tsatsi leo, ya leng hodima ntlo, mme phahlo tsa hae di leng ka tlung, a se ke a theohela ho di nka; ka mokgwa o jwalo ya leng naheng, le yena a se ke a kgutlela hae.
32. Elellwang mosadi wa Lota.
33. E mong le e mong ya tla batla ho boloka bophelo ba hae, o tla timellwa ke jona, mme e mong le e mong ya tla timellwa ke jona, ke yena ya tla bo boloka.
34. Ke a le bolella, ke re: Ka bosiu boo, ho ba babedi ba robetseng phateng e le nngwe, e mong o tla nkwa, e mong a tlohelwe.
35. Ho basadi ba babedi ba silang hammoho, e mong o tla nkwa, e mong a tlohelwe.
36. Ho ba babedi ba masimong, e mong o tla nkwa, e mong a tlohelwe.
37. Yaba ba bua, ba re ho yena: Morena, e tla ba kae? A re ho bona: Moo setopo se leng teng, ke moo le manong a tla bokana teng.