Luka 17:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jesu a bolella barutuwa, a re: Haele hore dikgopiso di se hlahe, ho ke ke ha etswa; empa ho madimabe eo di hlahang ka yena.

2. Ho ka bang molemo ho yena, ke ho tlamellwa lelwala le leholo molaleng, le ho dihelwa lewatleng, ho ena le hore a kgopise e mong wa ba banyenyane bana.

3. Iponeleng! Ekare ha ngwaneno a o sitetswe, o mo kgalemele; ha a baka, o mo tshwarele.

4. Mme leha a ka o sitelwa hasupa ka tsatsi le le leng, mme a kgutlela ho wena hasupa, a re: Ke bakile; o mo tshwarele.

5. Baapostola ba re ho Morena: Totisa tumelo ya rona.

6. Morena a re: Hojane le na le tumelo e ka ka hlaku ya mosetareta, le ne le ka re ho sefate seo sa sikomora: Fothoha, o ye ho itlhoma lewatleng; mme se ne se tla le utlwa.

7. Ke mang ho lona, ya nang le mohlanka ya lemang, kapa ya disang dikgomo, a ka reng ho yena, ha a sa tswa oroha naheng: Tloo kapele, o dule dijong?

8. Na haholo a ke ke a re ho yena: Lokisa seo ke tla lalla ka sona, o itlame, o ntshebeletse, ke tle ke be ke je, ke nwe; kamora tseo, wena o tla ja, o nwe?

Luka 17