12. E monyenyane wa bona a re ho ntatae: Ntate, mphe karolo ya letlotlo eo e tla ba ya ka. Mme a ba arolela dintho tsa hae.
13. Ha feta matsatsi a se makae, mora wa hae e monyenyane a bokella tsohle, a fallela naheng e hole, a qhalanya letlotlo la hae teng ka ho phela ka bohlola.
14. Eitse hobane a qete tsohle, ha wa tlala e kgolo lefatsheng leo; mme a qala ho hloka.
15. A ya tholwa ke e mong wa batho ba naha eo; eo a mo romela merakeng ya hae ho alosa dikolobe.
16. O ne a lakatsa ho kgorisa mpa ya hae ka makgapetla a jewang ke dikolobe; empa o ne a sa fuwe ke motho.
17. Yaba moo a ikgopolang, a re: Bahlanka ba bangata hakakang ha ntate ba hlolwang ke bohobe; mme nna mona ke bolawa ke tlala!
18. Ke tla tsoha, ke ye ho ntate; mme ke tla re ho yena: Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena;
19. ha ke sa tshwanela ho bitswa mora wa hao; o nketse ya jwaloka e mong wa bahlanka ba hao.
20. Yaba o tloha, a ya ho ntatae. Yare ha a sa le hole, ntatae a mmona, a mo utlwela bohloko, a matha, a itihela molaleng wa hae, a mo aka.
21. Empa mora a re ho yena: Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena, mme ha ke sa tshwanela ho bitswa mora wa hao.
22. Empa ntatae a re ho bahlanka ba hae: Phakisang, le tlise seaparo se selelele sa bohlokwa, le mo apese sona; le mo kenye lesale monwaneng, le be le mo rwese dieta maotong;
23. mme le tlise namane e nontshitsweng, le e hlabe, re tle re je, re nyakalle.
24. Hobane mora enwa wa ka o ne a shwele, mme jwale o boetse o pholohile; o ne a lahlehile, mme jwale o boetse o fumanwe. Mme ba qala ho nyakalla.
25. Empa mora wa hae e moholo o ne a le naheng; eitse ha a fihla a atamela ntlo, a utlwa dipina le mehobelo.
26. A bitsa e mong wa bahlanka, a mmotsa, a re: Taba tseo ke eng?
27. Eo a re ho yena: Moenao o fihlile, mme ntatao o hlabile namane e nontshitsweng, hobane o bile a mmona a sa phela.
28. Yaba o a halefa, a hana ho kena. Ntatae a mpa a tswa, a mo rapela, a re, a kene.
29. Yena a araba, a re ho ntatae: Bona! Ke o sebeleditse dilemo tse kalo, ke sa tlole ditaelo tsa hao, mme ha o eso ho nnee le potsanyane hore ke thabe le metswalle ya ka.
30. Empa enwa mora wa hao, ya jeleng letlotlo la hao kaofela le dinyatsi, ere a sa fihla, o mo hlabetse namane e nontshitsweng.