6. Mme ba sitwa ho mo araba mantsweng ao.
7. Ha a lemoha kamoo ba bileditsweng dijong ba ikgethelang ditulo tse kapele kateng, a ba bolella setshwantsho, a re:
8. Enore ha motho a o bileditse bohading, o se ke wa dula tulong e kapele, esere mohlomong e mong ya o fetisang ka ho hlomphuwa a ka tshoha a bitsitswe le yena ke monga dijo;
9. mme ya le bitsitseng, wena le yena, a ka tla o bolella, a re: Suthela enwa tulo; mme jwale, o qale ho ya dula tulong e kamorao ka dihlong.
10. Empa enore ha o bitsitswe, o ye, o dule tulong e kamorao, hore ya o bitsitseng ha a etla, a re ho wena: Motswalle, fetela pele. Mme jwale, e tla ba hlompho ho wena hara ba dutseng dijong le wena.
11. Hobane e mong le e mong ya ikgodisang, o tla kokobetswa; mme e mong le e mong ya ikokobetsang, o tla hodiswa.
12. Hape, a re ho ya mmitsitseng: Enore ha o etsa mmoka wa motshehare, leha e le wa ho lalla, o se ke wa bitsa metswalle ya hao, leha e le banabeno, leha e le ba heno, leha e le barui bao o ahisaneng le bona; esere mohlomong le bona ba o bitsa, ba ananya tsa hao.
13. Empa enore ha o etsa mmoka, o bitse bahloki, le dihole, le dihlotsa, le difofu;
14. mme o tla ba motho ya lehlohonolo, kahobane ha ba na seo ba ka o buseletsang sona; mme tsa hao di tla buseletswa tsohong ya ba lokileng.
15. E mong wa ba dutseng le yena dijong, ha a utlwa taba tseo, a re ho yena: Ho lehlohonolo ya tla ja bohobe mmusong wa Modimo!
16. Empa Jesu a re ho yena: Motho e mong a etsa selallo se seholo, mme a mema ba bangata.
17. A roma mohlanka wa hae ka nako ya ho lalla, ho bolella ba bitsitsweng, ho re: Tloong, hobane ntho tsohle di se di lokisitswe.
18. Empa bohle ba eba ntswe le le leng ho itatola. Wa pele a re ho yena: Ke rekile tshimo, mme ke tshwanetse ho ya e bona. Ke a o rapela, o ntatolele hantle.
19. E mong a re: Ke rekile dipholo tse lekanang joko tse hlano, mme ke sa ya di leka. Ke a o rapela, o ntatolele hantle.