Luka 14:17-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. A roma mohlanka wa hae ka nako ya ho lalla, ho bolella ba bitsitsweng, ho re: Tloong, hobane ntho tsohle di se di lokisitswe.

18. Empa bohle ba eba ntswe le le leng ho itatola. Wa pele a re ho yena: Ke rekile tshimo, mme ke tshwanetse ho ya e bona. Ke a o rapela, o ntatolele hantle.

19. E mong a re: Ke rekile dipholo tse lekanang joko tse hlano, mme ke sa ya di leka. Ke a o rapela, o ntatolele hantle.

20. E mong hape a re: Ke nyetse mosadi, ke sitwa ho ya ke hona.

21. Mohlanka eo a kgutla, a tsebisa monga hae ditaba tseo. Yaba monga ntlo o a halefa, a re ho mohlanka wa hae: Phakisa o tswele mapatlelong le diterateng tsa motse, mme o tlise kwano mafutsana, le dihole, le dihlotsa, le difofu.

22. Mohlanka a re: Morena, ho se ho entswe kamoo o laetseng kateng, empa sebaka se sa le teng.

23. Morena a re ho mohlanka: Tswela ditseleng le pela metero, mme o kganne batho, ba kene, ntlo ya ka e be e tlale.

24. Hobane ke re ho lona: Ha ho le a mong wa banna bale ke ba bitsitseng, ya tla latswa selallo sa ka.

25. Bongata bo boholo bo ne bo tsamaya le Jesu. Yaba o reteleha, a re ho bona:

26. Ekare ha e mong a etla ho nna a sa hloye ntatae, le mmae, le mosadi wa hae, le bana ba hae, le banababo, le bokgaitsedie, le bona bophelo ba hae, o sitwa ho ba morutuwa wa ka.

27. E mong le e mong ya sa jareng sefapano sa hae, a ntatela, o sitwa ho ba morutuwa wa ka.

Luka 14