1. Mehleng yona eo, ba bang ba ne ba le teng ba mo phetelang tsa Bagalelea bano, bao madi a bona a neng a kopantswe ke Pilato le mahlabelo a bona.
2. Jesu a araba, a re ho bona: Hleka le lekanya hoba Bagalelea bao e ne e le baetsadibe ho fetisa Bagalelea bohle, ha ba wetswe ke kotsi e kalo na?
3. Tjhe, ke a le bolella. Empa ekare ha le sa bake, le tla timela jwalo kaofela.
4. Leha e le bano ba leshome le metso e robileng meno e le mmedi, bao tora e ba wetseng hodimo Silowe, ya ba bolaya, hleka le lekanya hoba ba ne ba le molato ho fetisa batho bohle ba ahileng Jerusalema na?
5. Tjhe, ke a le bolella. Empa ekare ha le sa bake, le tla timela jwalo kaofela.
6. A ba bolella le setshwantsho se reng: E mong o ne a na le sefate sa feiye se hlomilweng tshimong ya hae ya merara, mme a ya batla ditholwana ho sona, mme a se ke a di fumana.
7. Yaba o re ho molemi wa merara: Bona; e se e le dilemo tse tharo ke ntse ke tla ho batla ditholwana sefateng sena sa feiye, mme ha ke di fumane; se reme, se thibile keng mobu feela?
8. Molemi a araba, a re ho yena: Morena, ako se lese ka sona selemo sena hape, nke ke se leme, ke se tshele ka moitedi.
9. Ekaba se tla beha ditholwana; ha ho se jwalo, o tla se rema.
10. O ne a ruta sinagogeng se seng ka Sabatha.
11. Mme bonang, mosadi o ne a le teng, ya kenweng ke moya o mo kudisitseng ka dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi; o ne a futahane, a sitwa ho inamoloha le hanyenyane.
12. Yare ha Jesu a mmona, a mmiletsa ho yena, a re: Mosadi, o lokolotswe lefung la hao!
13. A ba a mmea matsoho. Yaba mosadi o phakisa a inamoloha, a rorisa Modimo.
14. Empa mmusi wa sinagoge a hlonama ke hobane Jesu a fodisitse motho ka Sabatha, mme a bolella batho, a re: Matsatsi a tsheletse ao e ka kgonang ho sebetswe ka wona; le no tla ka wona ho tla fodiswa, e seng ka letsatsi la Sabatha.