51. Na le lekanya hoba ke tlile ho kenya kgotso lefatsheng na? Ke re ho lona: Tjhe, empa e le karohano.
52. Hobane ho tloha jwale, batho ba bahlano ba ntlo e le nngwe ba tla arohana, ba bararo ba lwantshe ba babedi, ba babedi ba lwantshe ba bararo.
53. Ntata motho o tla arohana le mora wa hae, le mora a arohane le ntatae; mma motho o tla arohana le moradi wa hae, le moradi a arohane le mmae; matsala motho o tla arohana le ngwetsi ya hae, mme ngwetsi e arohane le matsala yona.
54. A ntoo re ho bongata: Mohla le bonang leru le nyoloha Bophirimela, le ye le phakise le re: Pula e tla na. Mme ho fele ho be jwalo.
55. Ere ha le bona ha foka moya o tswang nqa Borwa, le re: Ho tla futhumala. Mme ho fele ho be jwalo.