43. Ho lehlohonolo mohlanka eo, etlareng ha morena wa hae a etla, a mo fumane a ntse a etsa jwalo.
44. Kannete ke re ho lona: O tla mmea moalosi wa mesebetsi ya hae kaofela.
45. Empa ekare ha mohlanka eo a ka bua pelong ya hae, a re: Morena wa ka o diehile ho tla; mme jwale a qala ho otla bahlanka ba batona le ba batshehadi, a eja, a enwa, a tahwa,
46. morena wa mohlanka eo o tla tla ka tsatsi leo a sa mo lebellang, le ka hora eo a sa e tsebeng; mme o tla mo pomahanya dikoto, a mo fe kabelo ya hae le ba sa tshepeheng.
47. Mohlanka ya tsebileng thato ya morena wa hae, mme a sa ka a lokisa letho, le ho etsa thato ya morena wa hae, o tla otlwa haholo.
48. Empa ya sa kang a tseba, mme a entse ditaba tse tshwanelwang ke kotlo, o tla otlwa hanyenyane. E mong le e mong ya neilweng haholo, ho tla batlwa haholo ho yena; mme ya laeleditsweng haholo, ho tla botswa haholo ho yena.
49. Ke tlile ho dihela mollo lefatsheng; mme ke sa batlang, ha o se o tukile?
50. Ke na le kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona; mme ke e hlolohetswe hakakang, e be e phethehe!
51. Na le lekanya hoba ke tlile ho kenya kgotso lefatsheng na? Ke re ho lona: Tjhe, empa e le karohano.
52. Hobane ho tloha jwale, batho ba bahlano ba ntlo e le nngwe ba tla arohana, ba bararo ba lwantshe ba babedi, ba babedi ba lwantshe ba bararo.
53. Ntata motho o tla arohana le mora wa hae, le mora a arohane le ntatae; mma motho o tla arohana le moradi wa hae, le moradi a arohane le mmae; matsala motho o tla arohana le ngwetsi ya hae, mme ngwetsi e arohane le matsala yona.