38. Leha a ka tla tebelong ya bobedi, leha a ka tla tebelong ya boraro, mme a ba fumana ba le jwalo, ho lehlohonolo bahlanka bao.
39. Le lemohe hoba, hola monga ntlo a ka tseba nako eo leshodu le tla tla ka yona, a ka lebela, a se ke a lesa ntlo ya hae ya phunngwa.
40. Jwale, le lona le itokise; hobane Mora motho o tla tla ka nako eo le sa e hopolang.
41. Yaba Petrose o re ho yena: Morena, setshwantsho seo hleka o se bolella rona feela kapa u se bolella le bohle na?
42. Morena a re: Mohlahlobi ke ofe ya kgabane, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng moalosi wa bahlanka ba hae, ho ba nea dijo tsa bona ka nako e tshwanelang?
43. Ho lehlohonolo mohlanka eo, etlareng ha morena wa hae a etla, a mo fumane a ntse a etsa jwalo.
44. Kannete ke re ho lona: O tla mmea moalosi wa mesebetsi ya hae kaofela.
45. Empa ekare ha mohlanka eo a ka bua pelong ya hae, a re: Morena wa ka o diehile ho tla; mme jwale a qala ho otla bahlanka ba batona le ba batshehadi, a eja, a enwa, a tahwa,
46. morena wa mohlanka eo o tla tla ka tsatsi leo a sa mo lebellang, le ka hora eo a sa e tsebeng; mme o tla mo pomahanya dikoto, a mo fe kabelo ya hae le ba sa tshepeheng.
47. Mohlanka ya tsebileng thato ya morena wa hae, mme a sa ka a lokisa letho, le ho etsa thato ya morena wa hae, o tla otlwa haholo.