Luka 12:36-42 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

36. Le lona le be jwaloka batho ba lebeletseng morena wa bona hore na o tla kgutla neneng bohading, hore, etlere ha a fihla, a kokota, ba mmulele hanghang.

37. Ho lehlohonolo bahlanka bao, morena ha a fihla, a tla ba fumana ba fadimehile! Kannete ke re ho lona: O tla itlama, a ba dudise dijong, mme o tla atamela, a ba sebeletse.

38. Leha a ka tla tebelong ya bobedi, leha a ka tla tebelong ya boraro, mme a ba fumana ba le jwalo, ho lehlohonolo bahlanka bao.

39. Le lemohe hoba, hola monga ntlo a ka tseba nako eo leshodu le tla tla ka yona, a ka lebela, a se ke a lesa ntlo ya hae ya phunngwa.

40. Jwale, le lona le itokise; hobane Mora motho o tla tla ka nako eo le sa e hopolang.

41. Yaba Petrose o re ho yena: Morena, setshwantsho seo hleka o se bolella rona feela kapa u se bolella le bohle na?

42. Morena a re: Mohlahlobi ke ofe ya kgabane, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng moalosi wa bahlanka ba hae, ho ba nea dijo tsa bona ka nako e tshwanelang?

Luka 12