Luka 12:26-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. Mme jwale, ha esita tse nyenyane di le hlola, le ipelaetsa keng ka tse ding?

27. Lemohang dikgahla kamoo di melang kateng; ha di sebetse, ha di ohle; leha ho le jwalo, ke re ho lona: Esita le Salomone, kganyeng yohle ya hae, ha a ka a ba le seaparo se jwaloka sa e nngwe ya tsona.

28. Mme jwale, erekaha Modimo o apesa jwalo jwang ba naheng, bo leng teng kajeno, mme hosasane bo se bo tla lahlelwa seboping, na haholo o ke ke wa le apesa lona batho ba tumelo e nyenyane!

29. Ka baka leo, le se ke la batla seo le tla se ja le seo le tla se nwa, mme le se ke la ipelaetsa;

30. hobane dintho tseo kaofela di batlwa ke ditjhaba tsa lefatshe; empa Ntata lona o tseba hobane le a di hloka;

31. le mpe le batle mmuso wa Modimo pele, mme ntho tseo kaofela le tla di ekeletswa.

32. Mohlatswana, se tshabe, hobane ho kgahlile Ntata lona ho le fa mmuso.

33. Bapatsang ka tseo le nang le tsona, mme le fane; iketsetseng mekotla e sa tsofaleng, letlotlo le sa feleng mahodimong, moo leshodu le sa atameleng teng, le moo tshwele e sa senyeng.

Luka 12