2. Hobane ha ho letho le kwahetsweng le sa tlo ka le kwahollwa, leha e le ntho e patilweng e sa tlo ka e tsejwa.
3. Ka baka leo, tsohle tseo le di buileng lefifing di tla utlwahala leseding; le tseo le di nyenyeletsang tsebeng diphaposing, di tla bolelwa dihlorong tsa matlo.
4. Empa ke re ho lona le leng metswalle ya ka: Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, mme kamorao ha ba na ho hong hoo ba ka ho etsang.
5. Empa ke tla le lekanyetsa eo le tshwanetseng ho mo tshaba; tshabang eo, ereng hobane a bolaye mmele, a nang le matla a ho dihela motho diheleng. E, ke re ho lona: Eo le mo tshabe.
6. Dirobele tse hlano hleka ha di rekwe ka peni tse pedi na? Leha ho le jwalo, Modimo ha o lebale le se seng sa tsona.
7. Esita le qoba tsa moriri wa dihlooho tsa lona di badilwe kaofela. Se tshabeng ke hona; le fetisa dirobele tse ngata.
8. Ke re ho lona: E mong le e mong ya tla mpolela pela batho, Mora motho le yena o tla mmolela pela mangeloi a Modimo;
9. empa ya ntatolang pela batho, o tla latolwa pela mangeloi a Modimo.
10. E mong le e mong ya sebileng Mora motho, a ka tshwarelwa; empa ya nyefotseng Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa.
11. Etlare ha ba le isa masinagogeng, le pela baholo le babusi, le se ke la belaella mokgwa oo le tla ikarabela ka wona, leha e le seo le tla se bolela;
12. hobane Moya o Halalelang o tla le ruta, ka yona nako eo, seo le tshwanetseng ho se bolela.