Luka 12:14-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Empa Jesu a re ho yena: Monna, ke mang ya mpeileng moahlodi, leha e le moaroledi wa lona?

15. A eketsa a re ho bona: Iponeleng, le ipoloke bakeng sa takatso ya leruo; hobane bophelo ba motho bo ke ke ba tswa bongateng ba dintho tseo a di ruileng, leha di mo atetse haholo.

16. A ba bolella le setshwantsho, a re: Masimo a morui a ne a beile haholo.

17. Yaba o nahana ka ho yena, a re: Ke tla etsa jwang; hobane ha ke na moo nka bokellang dijo tsa ka teng?

18. A re: Seo ke tla se etsa ke sena: Ke tla qhaqha mediko ya ka, ke hahe e meholo; mme ke tla bokella teng dijo tsa ka kaofela le mesebetsi ya ka;

19. mme ke tla re ho moya wa ka: Moya, o na le mesebetsi e mengata e bokelletsweng dilemo tse ngata; phomola, o je, o nwe, o nyakalle.

20. Empa Modimo wa re ho yena: Lewatla towe! Ka bosiu bona, moya wa hao o tla latwa ho wena; mme dintho tseo o di lokisitseng, e tla ba tsa mang na?

21. Ya ipokellelang matlotlo, a mpa a sa ruele ho Modimo, o jwalo.

22. Yaba o re ho barutuwa ba hae: Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lona, ka seo le tla se ja, leha e le ka sa mmele, ka seo le tla se apara.

23. Bophelo bo fetisa dijo, le mmele o fetisa diaparo.

24. Lemohang makgwaba; ha a leme, ha a kotule, ha a na ntlo moo a bolokelang teng, leha e le modiko; mme Modimo o a a fepa. Le fetisa dinonyana hakakang!

25. Ke mang hara lona ya ka eketsang boemo ba hae ka setswe se le seng ka ho belaella teng?

26. Mme jwale, ha esita tse nyenyane di le hlola, le ipelaetsa keng ka tse ding?

27. Lemohang dikgahla kamoo di melang kateng; ha di sebetse, ha di ohle; leha ho le jwalo, ke re ho lona: Esita le Salomone, kganyeng yohle ya hae, ha a ka a ba le seaparo se jwaloka sa e nngwe ya tsona.

Luka 12