11. Etlare ha ba le isa masinagogeng, le pela baholo le babusi, le se ke la belaella mokgwa oo le tla ikarabela ka wona, leha e le seo le tla se bolela;
12. hobane Moya o Halalelang o tla le ruta, ka yona nako eo, seo le tshwanetseng ho se bolela.
13. E mong hara bongata a re ho yena: Moruti, bolella ngwaneso hore a arolelane lefa le nna.
14. Empa Jesu a re ho yena: Monna, ke mang ya mpeileng moahlodi, leha e le moaroledi wa lona?
15. A eketsa a re ho bona: Iponeleng, le ipoloke bakeng sa takatso ya leruo; hobane bophelo ba motho bo ke ke ba tswa bongateng ba dintho tseo a di ruileng, leha di mo atetse haholo.
16. A ba bolella le setshwantsho, a re: Masimo a morui a ne a beile haholo.
17. Yaba o nahana ka ho yena, a re: Ke tla etsa jwang; hobane ha ke na moo nka bokellang dijo tsa ka teng?
18. A re: Seo ke tla se etsa ke sena: Ke tla qhaqha mediko ya ka, ke hahe e meholo; mme ke tla bokella teng dijo tsa ka kaofela le mesebetsi ya ka;
19. mme ke tla re ho moya wa ka: Moya, o na le mesebetsi e mengata e bokelletsweng dilemo tse ngata; phomola, o je, o nwe, o nyakalle.
20. Empa Modimo wa re ho yena: Lewatla towe! Ka bosiu bona, moya wa hao o tla latwa ho wena; mme dintho tseo o di lokisitseng, e tla ba tsa mang na?
21. Ya ipokellelang matlotlo, a mpa a sa ruele ho Modimo, o jwalo.
22. Yaba o re ho barutuwa ba hae: Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lona, ka seo le tla se ja, leha e le ka sa mmele, ka seo le tla se apara.
23. Bophelo bo fetisa dijo, le mmele o fetisa diaparo.
24. Lemohang makgwaba; ha a leme, ha a kotule, ha a na ntlo moo a bolokelang teng, leha e le modiko; mme Modimo o a a fepa. Le fetisa dinonyana hakakang!