3. o re fe, ka matsatsi wohle, bohobe ba rona, bo lekanang letsatsi le leng le le leng;
4. o re tshwarele dibe tsa rona, hobane le rona re tshwarela bohle ba re sitetsweng; o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe.
5. A re ho bona: Ekare ha e mong ho lona a ena le motswalle, mme a ya ho yena bosiu bo boholo, a re ho yena: Motswalle, nkadime mahobe a mararo;
6. hobane molekane wa ka wa moeti o fapohetse ha ka, mme ke hloka seo nka se beang pela hae;
7. mme eo, ya leng kateng, ha a ka mo araba, a re: Se nkgathatse, hobane monyako o se o kwetswe, mme bana ba ka ba banyenyane ba robetse le nna diphateng, ke sitwa ho tsoha ho o fa;
8. ke re ho lona: Leha a ne a ke ke a tsoha ho mo fa kahobane ke motswalle wa hae, o tla tsoha, a mo fe hohle hoo a ho hlokang ka baka la phehello ya hae.
9. Le nna ke re ho lona: Kopang, mme le tla fuwa; batlang, mme le tla fumana; kokotang, mme le tla bulelwa;
10. hobane e mong le e mong ya kopang o a fuwa, mme ya batlang o a fumana, mme ho tla bulelwa ya kokotang.
11. Ntata motho ke ofe hara lona, ekareng ha ngwana hae a kopa bohobe ho yena, a ka mo fang lejwe? Leha a kopa hlapi, a ka hla a mo fa noha bakeng sa hlapi na?
12. Leha a kopile lehe, a ka mo fa phepheng na?
13. Mme ha esita lona ba lonya, le tseba ho nea bana ba lona dintho tse molemo, Ntata lona ya lehodimong o tla fetisisa hakakang ka ho nea Moya o Halalelang ho ba o kopang ho yena!