Luka 11:19-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Ha efela nna ke leleka batemona ka Beelsebule, bara ba lona ba ba leleka ka mang? E tla ba bona baahlodi ba lona ke hona.

20. Empa, ekare ha ke leleka batemona ka monwana wa Modimo, mmuso wa Modimo o le fihletse ruri.

21. Mohla senatla se tshwereng marumo, se lebelang ntlo ya sona, mesebetsi ya sona kaofela e ituletse hantle;

22. empa, ha ho ka tla e mong ya se fetisang ka matla, a se hlola, o tla se amoha dihlomo tsohle tseo se di tshepileng, a hapisise tse hapilweng ke sona.

23. Ya sa ntwaneleng o a ntwantsha; le ya sa bokelleng le nna o a hasanya.

24. Moya o ditshila ha o tswile ho motho, o ikela dithoteng tse tjheleng o ntse o batla phomolo; empa ha o e hlokile, o re: A nke ke boele tlung ya ka eo ke tswileng ho yona.

25. Ere ha o fihla teng, o e fumane e fietswe, hape e hlophilwe.

26. Jwale o ye, o late meya e mong e supileng, e o fetisang ka bolotsana, mme e kene, e dule teng; mme taba tsa motho eo tsa morao di fetise tsa pele ka ho dula hampe.

27. Jesu a re a sa bolela taba tseo, mosadi e mong ya hara bongata a phahamisa lentswe, a re ho yena: Ho lehlohonolo popelo e o emereng, le matswele ao o a antseng.

28. A mpa a re: E, empa haholo ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, mme ba le boloka.

29. Eitse ha bongata bo petahana, Jesu a qala ho re: Moloko wona ke moloko o lonya; o qela mohlolo; mme ha o ka ke wa newa mohlolo, haese mohlolo wa moporofeta Jonase.

30. Hobane jwalokaha Jonase e bile mohlolo ho ba Ninive, Mora motho le yena o tla ba jwalo, ho moloko wona.

31. Mofumahadi wa Borwa o tla ema kahlolong le banna ba moloko wona, mme o tla ba tswa; hobane o ne a tlohe pheletsong tsa lefatshe ho tla mamela bohlale ba Salomone, mme bonang, e moholo ho Salomone o teng mona.

Luka 11