39. O ne a na le ngwanabo, ya bitswang Maria, ya bileng a tla, a dula maotong a Jesu, a mamela lentswe la hae.
40. Empa Maretha o ne a tshwerwe haholo ke ho sebetsa tse ngata, a ba a tla ho Jesu, a re: Morena, hleka ha o re letho ha ngwaneso a ntesa ke sebetsa ke le mong? O mmolelle hle hore a nthuse.
41. Empa Jesu a araba, a re ho yena: Maretha, Maretha, o belaela, o ikgathatsa ka tse ngata;
42. kanthe ntho e hlokwang e nngwe feela; mme Maria o ikgethetse kabelo e ntle, eo a ke keng a e amohuwa.