24. Hobane ke re ho lona: Baporofeta ba bangata le marena ba ratile ho bona tseo le di bonang, mme ha ba ka ba di bona, le ho utlwa tseo le di utlwang, mme ha ba ka ba di utlwa.
25. Yaba moruti e mong wa molao o ema, a leka Jesu, a re: Moruti, ke tla rua bophelo bo sa feleng ha ke etsa eng?
26. A re ho yena: Na ho ngodilweng molaong? O balang teng?
27. A araba, a re: O tla rata Morena, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle, le ka kgopolo ya hao yohle; le wa heno, o mo rate jwalokaha o ithata.
28. Jesu a re ho yena: O arabile hantle; etsa hoo, mme o tla phela.
29. Empa yena, kahobane a rata ho ipea ya lokileng, a re ho Jesu: Mme wa heso ke mang na?
30. Jesu a bua, a re: Motho e mong o ne a theohile Jerusalema ho ya Jeriko; a wela hara dihlola; tsa mo hlobodisa, tsa mo ntsha dikotsi, tsa ntoo ikela, tsa mo siya a le makgatheng a ho shwa.
31. Moprista a tshoha a theoha ka tsela eo; yare ha a mmona, a mo kwekwetla.
32. Ka mokgwa o jwalo le Molevi a fihla moo, mme ha a mmona, a mo kwekwetla.
33. Empa Mosamaria e mong, wa moeti, ha a etla moo a leng teng, yare ha a mmona, a mo utlwela bohloko.
34. A atamela, a tlamella maqeba a hae, a a tshela ka ole le ka veine; mme a mmea peleseng ya hae eo a e kaletseng, a mo isa tlung ya baeti, a mo okela teng.
35. E sa le hosasa, ha a tloha, a ntsha didenare tse pedi, a di nea monga ntlo, a re ho yena: Mo oke, mme seo o tla se ntsha ka ho fetisa sena, ke tla se lefa mohla ke kgutlang.
36. Jwale, wena, ha o lekanya, ke mang ho ba bararo bao e bileng wa habo ya wetseng hara dihlola na?
37. A re: Ke ya mo etseditseng mohau. Yaba Jesu o re ho yena: Eya, mme o etse jwalo le wena.
38. Ba re ba ntse ba tsamaya, a kena motsaneng o mong. Mosadi e mong, ya bitswang Maretha, a mo amohela tlung ya hae.
39. O ne a na le ngwanabo, ya bitswang Maria, ya bileng a tla, a dula maotong a Jesu, a mamela lentswe la hae.