2. A ba a re ho bona: Kotulo e kgolo; basebetsi empa ha ba bakae; rapelang ke hona monga kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ya hae.
3. Tsamayang! Bonang, nna ke le roma jwaloka dikonyana hara diphiri.
4. Le se ke la nka mokotlana wa tjhelete, leha e le mokotla wa mofaho, kapa dieta; le se ke la dumedisa motho tseleng.
5. Leha e le ntlo efe le efe, eo le kenang ho yona, le qale ka ho re: Kgotso e be tlung ena.
6. Ha mora wa kgotso a le teng moo, kgotso ya lona e tla dula ho yena, ha ho se jwalo, e tla kgutlela ho lona.
7. Le dule tlung eo, le ntse le eja, le enwa se ntshwang ke bona; hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya tlung e nngwe le e nngwe.
8. Leha e le motseng ofe le ofe, oo le kenang ho wona, mme ba le amohela, le je se bewang pela lona.
9. Le fodise ba kulang ba teng, mme le ba bolelle, le re: Mmuso wa mahodimo o atametse ho lona.
10. Empa leha e le motse ofe le ofe, oo le kenang ho wona, mme ba sa le amohele, le tswele diterateng tsa wona, le re:
11. Esita lona lerole la motse wa lona, le kgomaretseng maoto a rona, re le hlohlorela ho lona; leha ho le jwalo, le tsebe hobane mmuso wa Modimo o atametse ho lona.
12. Ke a le bolella hore: Ka tsatsi lela, motse oo o tla fihlelwa ke bothata bo fetisang ba Sodoma.
13. Ho madimabe wena, Korasine! Ho madimabe wena, Bethsaida! Hobane mehlolo e entsweng hara lona, hoja ya be e entswe Tire le Sidone, metse eo e ka ba e bakile kgale ka masela a mahwashe le ka molora.
14. Ka baka leo, le tla fihlelwa ke bothata bo fetisang bo tla hlahela Tire le Sidone, ka tsatsi la kahlolo.
15. Haele wena Kapernauma, ya phahamisitsweng ho fihlela lehodimong, o tla kokobetswa ho fihlela nqalong ya bafu.
16. Ya le utlwang, o a nkutlwa; mme ya le lahlang, o a ntahla; mme ya ntahlang, o lahla ya nthomileng.
17. Ba mashome a supileng ba kgutla ba thabile, ba re: Morena, re hlotse le bona batemona ka lebitso la hao.
18. A re ho bona: Ke ne ke tadima Satane a ewa lehodimong jwaloka lehadima.
19. Bonang, ke le neile matla a ho hata dinoha, le diphepheng, le matla wohle a sera; mme ha ho letho le tla le etsa hampe.
20. Leha ho le jwalo, le se ke la thaba kahobane le hlola meya, haholo le thabe kahobane mabitso a lona a ngodilwe mahodimong.
21. Ka yona nako eo, Jesu a inyakallela moyeng, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea. Ho jwalo, Ntate, hobane ke kamoo o ithatetseng kateng.
22. Dintho tsohle ke di neilwe ke Ntate; mme ha ho ya tsebang hoba Mora ke mang, haese Ntate, le hoba Ntate ke mang, haese Mora, le eo Mora a ka ratang ho mo senolela yena.