Luka 10:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Kamora taba tseo, Morena a boela a bea ba bang ba mashome a supileng, mme a ba roma ka bobedi, hore ba mo etelle pele metseng yohle, le nqalong tsohle moo yena a neng a tla ya teng.

2. A ba a re ho bona: Kotulo e kgolo; basebetsi empa ha ba bakae; rapelang ke hona monga kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ya hae.

3. Tsamayang! Bonang, nna ke le roma jwaloka dikonyana hara diphiri.

4. Le se ke la nka mokotlana wa tjhelete, leha e le mokotla wa mofaho, kapa dieta; le se ke la dumedisa motho tseleng.

5. Leha e le ntlo efe le efe, eo le kenang ho yona, le qale ka ho re: Kgotso e be tlung ena.

Luka 10