71. a re, o tla re lwela ho bao e leng dira ho rona, le matsohong a bohle ba re hloileng;
72. hore a hauhele bontata rona, mme a hopole selekane sa hae se halalelang,
73. e leng kano eo a neng a e anetse ntata rona Abrahama,
74. ya hore, ha re lwetswe matsohong a bao e leng dira ho rona, re mo sebeletse, re sa tshabe letho,
75. kgalalelong le ho lokeng, pontsheng ho yena, ka matsatsi wohle a ho phela ha rona.
76. Haele wena, lesea, o tla bitswa moporofeta wa Ya hodimodimo; hobane o tla etella sefahleho sa Morena pele, ho lokisa ditsela tsa hae,
77. o tle o nee setjhaba sa hae tsebo ya poloko, tshwarelong ya dibe tsa bona,
78. ka baka la pelo e mohau wa Modimo wa rona, eo mafube a meso a lehodimo a re etetseng ka yona,
79. hore a bonese ba dutseng lefifing le moriting wa lefu, mme a tsamaise maoto a rona tseleng ya kgotso.
80. Haele ngwana, a nna a hola, a ipha matla moyeng; a nna a dula mafeelleng, ha ba ha fihla letsatsi leo a hlahileng pela Iseraele ka lona.