Luka 1:65-80 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

65. Ba ahisaneng le yena ba tshwarwa bohle ke tshabo; ditaba tseo tsa hasana kahohle maloting a Judea.

66. Mme bohle ba di utlwang ba di boloka dipelong tsa bona, ba re: Ha ho le jwalo, ngwana eo e tla ba eng? Hobane letsoho la Morena le ne le le ho yena.

67. Yaba Sakaria, ntatae, o tlala Moya o Halalelang, a porofeta, a re:

68. Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, hobane o etetse setjhaba sa hae, mme o se lopolotse.

69. O re tsoseditse lenaka la poloko tlung ya Davida, mohlanka wa hae;

70. jwalokaha a ne a boletse ka molomo wa baporofeta ba halalelang ba hae, ba bileng teng mehleng ya pele,

71. a re, o tla re lwela ho bao e leng dira ho rona, le matsohong a bohle ba re hloileng;

72. hore a hauhele bontata rona, mme a hopole selekane sa hae se halalelang,

73. e leng kano eo a neng a e anetse ntata rona Abrahama,

74. ya hore, ha re lwetswe matsohong a bao e leng dira ho rona, re mo sebeletse, re sa tshabe letho,

75. kgalalelong le ho lokeng, pontsheng ho yena, ka matsatsi wohle a ho phela ha rona.

76. Haele wena, lesea, o tla bitswa moporofeta wa Ya hodimodimo; hobane o tla etella sefahleho sa Morena pele, ho lokisa ditsela tsa hae,

77. o tle o nee setjhaba sa hae tsebo ya poloko, tshwarelong ya dibe tsa bona,

78. ka baka la pelo e mohau wa Modimo wa rona, eo mafube a meso a lehodimo a re etetseng ka yona,

79. hore a bonese ba dutseng lefifing le moriting wa lefu, mme a tsamaise maoto a rona tseleng ya kgotso.

80. Haele ngwana, a nna a hola, a ipha matla moyeng; a nna a dula mafeelleng, ha ba ha fihla letsatsi leo a hlahileng pela Iseraele ka lona.

Luka 1