Luka 1:48-62 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

48. hobane o tadimile bofutsana ba lekgabunyane la hae; mme jwale, meloko yohle e tla re, ke lehlohonolo,

49. hobane Ya matla o nketseditse tse kgolo. Lebitso la hae le a halalela;

50. mohau wa hae o melokong ya meloko ya ba mo tshabang.

51. O sebeditse ka matla ka letsoho la hae; o qhalantse ba ikgohomositseng mehopolong ya dipelo tsa bona;

52. o dihile babusi diteroneng tsa bona, mme o phahamisitse ba ikokobeditseng;

53. ba lapileng o ba kgorisitse molemo, mme ba ruileng o ba kgutlisitse ba le feela;

54. o hlokometse Iseraele, mohlanka wa hae, a tle a hopole mohau,

55. oo a neng a o etsetse Abrahama le leloko la hae ka ho sa feleng, kamoo a neng a boleletse baholo ba rona kateng.

56. Maria a hlola le Elisabetha dikgwedi tse batlileng ho ba tharo, a ntoo boela tlung ya hae.

57. Elisabetha a hlahelwa ke nako ya hae ya ho beleha, mme a tswala mora.

58. Ba ahisaneng le yena le bahabo ba utlwa hoba Morena o tumisitse mohau wa hae ka yena, ba thaba le yena.

59. Ka tsatsi la boroba meno e le mmedi, ba tla ho bolotsa ngwana, mme ba mo rea Sakaria, lebitso la ntatae.

60. Mmae a araba, a re: Tjhe, empa o tla rewa la Johanne.

61. Ba re ho yena: Ha ho motho hara ba heno ya reilweng lebitso leo.

62. Yaba ba lekanyetsa ntatae hore a ba tsebise lebitso leo a ratang ba ka mo rea lona.

Luka 1