29. Maria, eitse ha a le bona, a tshoha ke polelo ya lona, mme a nahana hore tumediso ya lona e reng?
30. Lengeloi la re ho yena: Maria, se tshohe, hobane o bone mohau ho Modimo.
31. Bona, o tla emola, mme o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu.
32. O tla ba moholo, mme o tla bitswa Mora wa Ya hodimodimo; Morena Modimo o tla mo nea terone ya Davida ntatae.
33. O tla busa ntlo ya Jakobo ka ho sa feleng, mme borena ba hae ha bo ka ke ba eba le bofelo.
34. Empa Maria a re ho lengeloi: Taba eo e tla etsahala jwang, athe ha ke tsebe monna?
35. Lengeloi la araba, la re ho yena: Moya o Halalelang o tla theohela hodima hao, mme matla a Ya hodimodimo a tla o kgurumetsa; ka baka leo, ho halalelang ho tla tswalwa ke wena ho tla bitswa Mora Modimo.
36. Mme bona, Elisabetha, motswalao, le yena o emere mora botsofading ba hae; kgwedi ena e se e le ya botshelela ya ya neng a bitswa nyopa.
37. Hobane ha ho letho le ke keng la etswa ke Modimo.
38. Maria a re: Bona, ke lekgabunyane la Morena, a nke ke etswe ka polelo ya hao! Yaba lengeloi le tloha ho yena.
39. Matsatsing wona ao, Maria a tloha, a phakisa a ya maloting, motseng o mong wa Juda.
40. A kena tlung ya Sakaria, a dumedisa Elisabetha.
41. Eitse Elisabetha ha a utlwa tumediso ya Maria, ngwana a hlasimoloha popelong ya hae. Yaba Elisabetha o tlala Moya o Halalelang,
42. a phahamisa lentswe, a re: Ho lehlohonolo wena hara basadi, ho lehlohonolo le yona tholwana ya popelo ya hao.