15. Moshe a e hlaba, a nka madi a yona, a a bea ka monwana wa hae manakeng a aletare ka nqa tsohle; kahoo a hlwekisa aletare; madi a setseng a a tshollela fatshe aletareng, mme a e kgetha jwalo, ho tle ho etswe pheko teng.
16. Moshe a nka mafura kaofela a mohlehlo, le mafura a kguto a katlasa sebete, le diphio tse pedi le mafura a tsona, mme a di tjhesa aletareng.
17. A ntoo tjhesa kantle ho diahelo pohwana, le letlalo la yona, le nama ya yona le moswang wa yona jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
18. Moshe a atametsa pheleu ya setjheso, mme Aarone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hloohong ya pheleu.
19. Moshe a e hlaba, mme a tshollela madi a yona aletareng ka nqa tsohle.
20. Ha direlwa pheleu ka dikoto tsa yona, mme Moshe a tjhesa hlooho, le dikoto, le mafura a yona.
21. Diteng tsa yona le ditlhako tsa yona tsa hlatsuwa ka metsi, mme pheleu kaofela Moshe a e tjhesa aletareng; ya eba setjheso le sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.
22. A atametsa pheleu ya bobedi, pheleu ya peo; Aarone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hloohong ya pheleu eo.
23. Moshe a e hlaba, a nka madi a yona, mme a tlotsa ka wona ntlha ya tsebe e tona ya Aarone, le monwana o motona wa letsoho la hae le letona, le monwana o motona wa leoto la hae le letona.