2. Bolella bana ba Iseraele, o re: Etlare ha motho a tlotse ka ho se tsebe o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa se sa tshwanelang ho etswa:
3. Ha ekaba ya entseng sebe ke moprista ya tlotsitsweng, mme kahoo a dihetse batho molatong, o tla hlahisetsa Jehova pohwana e se nang sekodi ka baka la sebe seo a se entseng, e le sehlabelo sa sebe.
4. O tla tlisa pohwana eo pela tente ya pokano; o tla bea letsoho la hae hloohong ya pohwana eo, mme o tla e hlaba pela Jehova.
5. Moprista ya tlotsitsweng o tla nka madi a mang a poho eo, a a tlise ka tenteng ya pokano.
6. Moprista o tla qopetsa monwana wa hae mading ao, mme a foke ka wona hasupa pela Jehova, pela lesira la sehalalelo.
7. Moprista o tla bea madi a mang manakeng a aletare ya dibano tse nkgang hamonate, e pela Jehova, tenteng ya pokano; madi kaofela a setseng a poho, o tla a tshollela fatshe aletareng ya ditjheso e emeng pela monyako wa tente ya pokano.
8. O tla nka mafura wohle a poho ya sehlabelo sa sebe, e leng mohlehlo o apesang mala,
9. le mafura kaofela a kgomaretseng mala, le diphio tse pedi, le mafura a tsona ho isa ho a mahlono, le mafura a kguto a katlase ho sebete, mme o tla a kgaola pela diphio.
10. Moprista o tla nka ntho tseo ka mokgwa oo di nkwang ka wona pohong ya sehlabelo sa teboho, mme o tla di tjhesa aletareng ya ditjheso.
11. Empa letlalo la poho eo, le nama ya yona yohle, le hlooho ya yona, le ditlhako tsa yona, le mala a yona, le moswang wa yona,
12. ke re, poho kaofela, e tla hulelwa kantle ho diahelo, nqalong e hlwekileng, thotobolong ya melora, mme o tla e tjhesa ka patsi feela; e tla tjheseletswa thotobolong ya melora.
13. Ha ekaba ke phutheho ya Iseraele kaofela e wetseng sebeng ka ho se tsebe le ka ho se lemohe, e tlotse o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa tse sa tshwanelang ho etswa, mme ho entswe molato: