17. Ekare ha a kgethela Jehova tshimo ya hae, ho tloha selemong sa Jubile, ho tla uwa ka tekanyetso ya hao;
18. empa ha a mo kgethela tshimo ya hae kamora Jubile, moprista o tla lekanyetsa theko ka palo ya dilemo tse setseng ho isa ho Jubile, mme o tla fokotsa tjhelete ka tekanyetso ya hao.
19. Ekare ha ya kgethetseng tshimo ya hae a rata ho e lopolla, o tla eketsa ka bohlano ba tjhelete e lekanyeditsweng ke wena, mme tshimo e tla kgutlela ho yena;
20. empa ha a sa rekolle tshimo ya hae, kapa e le tshimo eo a e rekisitseng ho e mong, ha e sa tla lopollwa;
21. tshimo eo ha e lokollwa ka Jubile e tla kgethelwa Jehova jwaloka tshimo e seng e tetswe; e tla ruwa ke moprista, e be ya hae.
22. Ekare ha e mong a kgethela Jehova tshimo eo a itheketseng yona, e se tshimo ya masimo a lefa la hae,
23. moprista o tla mo lekanyetsa theko ya yona ka tekanyetso ya hao le ka palo ya dilemo tse setseng ho isa ho Jubile, mme motho eo o tla o ntshetsa tjhelete eo o e lekantseng ka lona letsatsi leo, kaha e le ntho e kgethetsweng Jehova.
24. Ka selemo sa Jubile, tshimo e tla kgutlela ho eo a neng a itheketse yona ho yena, ho eo naha e leng ya hae.
25. Ditekanyetso tsa hao kaofela di tla etswa ka dishekele tsa sehalalelo: gera tse mashome a mabedi di etsa shekele e le ngwe.
26. Feela, ha ho motho ya ka kgethelang Jehova letsibolo la kgomo, etswe le se le kgethetswe Jehova ka ho tswalwa ha lona: letsibolo la kgomo, leha e le la nku, ke la Jehova.
27. Empa haele phoofolo e sa hlwekang, e tla lopollwa ka theko eo o tlang ho e lekanyetsa ka yona, ka ho eketsa ka bohlano ba yona; ha e sa ka ya lopollwa, ho tla rekwa ka yona ka tekanyetso ya hao.
28. Eng le eng eo motho a e kgethetseng Jehova ka anathema ho tseo a di ruileng, motho, kapa kgomo, kapa tshimo ya lefa la hae, e ke ke ya rekwa, leha e le ho rekollwa; eng le eng e kgethetsweng Jehova ka anathema ke ntho e halalelang.
29. Motho ya kgethilweng ka anathema, ha ho kamoo a ka lopollwang kateng; o tla bolawa.
30. Boshome bo bong le bo bong ba naha, ke hore boshome ba dikotulo tsa masimo, le ba ditholwana tsa difate, ke ba Jehova: bo kgethetswe Jehova.
31. Ekare ha e mong a rata ho lopolla ntho e nngwe ya boshome ba hae, o tla eketsa ka bohlano ba yona.