11. Ekare haele phoofolo e sa hlwekang ya tse hlahisetsweng Jehova ka mokgwa wa sehlabelo, phoofolo eo e tla iswa ho moprista;
12. moprista o tla e lekanyetsa ka botle, kapa ka bobe ba yona; ho tla uwa ka theko e lekantsweng ke wena, moprista.
13. Ekare ha motho a rata ho e lopolla, o tla eketsa ka bohlano hodima theko e lekantsweng ke wena.
14. Ekare ha e le ntlo e kgethelwang Jehova, moprista o tla e lekanyetsa kamoo e leng kateng, ka botle, kapa ka bobe ba yona, mme ho tla uwa ka tekanyetso ya moprista;
15. Ekare ha ya kgethetseng ntlo ya hae a rata ho e lopolla, o tla eketsa ka bohlano ba tjhelete eo o e lekanyeditseng ka yona, mme ntlo e tla ba ya hae.
16. Ekare ha e mong a kgethela Jehova lefapha la tshimo ya lefa la hae, o tla le lekanyetsa ka bokae ba peo ya lona, e be dishekele tsa silefera tse mashome a mahlano ka homere ya peo ya harese.
17. Ekare ha a kgethela Jehova tshimo ya hae, ho tloha selemong sa Jubile, ho tla uwa ka tekanyetso ya hao;
18. empa ha a mo kgethela tshimo ya hae kamora Jubile, moprista o tla lekanyetsa theko ka palo ya dilemo tse setseng ho isa ho Jubile, mme o tla fokotsa tjhelete ka tekanyetso ya hao.
19. Ekare ha ya kgethetseng tshimo ya hae a rata ho e lopolla, o tla eketsa ka bohlano ba tjhelete e lekanyeditsweng ke wena, mme tshimo e tla kgutlela ho yena;
20. empa ha a sa rekolle tshimo ya hae, kapa e le tshimo eo a e rekisitseng ho e mong, ha e sa tla lopollwa;
21. tshimo eo ha e lokollwa ka Jubile e tla kgethelwa Jehova jwaloka tshimo e seng e tetswe; e tla ruwa ke moprista, e be ya hae.