44. Mohlanka e motona, leha e le e motshehadi, bao o tla ba rua, o tla ba nka ditjhabeng tse le kopileng; le ka ithekela ho tsona bahlanka ba batona le ba batshehadi.
45. Le ka ithekela le ho bana ba baditjhaba ba ikahetseng hara lona, le mefuteng ya bona e ho lona, ba tswaletsweng naheng ya lona, mme le tla ba rua;
46. le tla ba siya ka mokgwa wa lefa ho bara ba lona kamora lona, e be leruo; le tla ba boloka ka ho sa feleng tshebeletsong ya lona jwaloka makgoba. Empa haele ka banababo lona, e leng bana ba Iseraele, ho se be motho ya busang ka thata hodima ngwanabo.
47. Etlare ha moditjhaba, ya ahileng ha eno, a ka rua, mme ngwaneno a fumaneha pela hae, mme a ithekisa ho moditjhaba ya ikahetseng ha eno, leha e le ho setloholo sa moditjhaba,
48. thekollo ya hae e ka etswa; e mong wa banababo a ka mo rekolla,
49. kapa ngwanabo ntatae, kapa mora wa ngwanabo ntatae, kapa e mong wa mofuta wa hae ya haufi le yena ho tswalweng; kapa ha a na le matla, a ke a ithekolle e le yena.
50. O tla bala le moreki wa hae, a qale ka selemo seo a ithekisitseng ka sona, ho isa selemong sa Jubile; tjhelete ya thekollo e tla lekanngwa ka palo ya dilemo: dilemo di balwe jwaloka tsa motho ya lefjwang.
51. Ekare ha ho setse dilemo tse ngata, o tla lefa thekollo ya hae ka ho e bapisa le palo ya dilemo tseo, le ka tekanyo eo a neng a ruilwe ka yona;
52. ha ho setse dilemo di se kae ho isa ho Jubile, o tla di bala; a lefe thekollo ya hae ka tekanyo ya dilemo tseo.
53. O tla dula ho yena jwaloka motho ya lefjwang. A ke ke a mmusa ka thata mahlong a hao.
54. Ekare ha a sa rekollwe ka mokgwa oo, o tla tswa ka selemo sa Jubile, yena le bana ba hae.
55. Hobane Baiseraele ke bahlanka ba ka; ke bahlanka ba ka bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.