11. Mora wa mosadi wa Moiseraele a nyefola lebitso la Jehova, a le rohaka. Yaba ba mo isa ho Moshe. Lebitso la mmae e ne e le Shelomithe, moradi wa Dibri, wa leloko la Dane.
12. Ba mo lebela, ho fihlela ha Moshe a tla ba bolella ka taelo ya Jehova se ka etswang ka yena.
13. Yaba Jehova o bua le Moshe, a re:
14. Ntshetsa monyefodi kantle ho diahelo; bohle ba mo utlwileng ba bee matsoho a bona hloohong ya hae, mme a tlepetswe ke phutheho yohle.
15. O tla bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: E mong le e mong ya rohakang Modimo wa hae, o tla jara molato wa sebe sa hae;
16. ya tlang ho nyefola lebitso la Jehova, o tla bolawa; o tla tlepetswa ke phutheho kaofela. Moditjhaba, leha e le ya tswaletsweng hae, ha a ka nyefola lebitso la Jehova, o tla bolawa.
17. Mang le mang ya bolayang motho, o tla bolawa.
18. Mang le mang ya bolayang kgomo, o tla bea e nngwe sebakeng sa yona: bophelo bo lefjwe ka bophelo.
19. Ekare ha e mong a hlahisetsa wa habo kotsi, o tla etswa seo a se entseng ngwanabo:
20. thobeho e lefjwe ka thobeho, leihlo ka leihlo, leino ka leino; kotsi eo a sentseng motho ka yona, le yena o tla etsetswa yona.
21. Ya bolayang kgomo, o tla bea e nngwe sebakeng sa yona, empa ya bolayang motho, o tla bolawa.
22. Le tla ahlola moditjhaba le ya tswaletsweng hae ka molao o le mong, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.
23. Moshe a bua le bana ba Iseraele; yaba ba ntshetsa monyefodi kantle ho diahelo, ba mo tlepetsa. Bana ba Iseraele ba ya ka taelo eo Moshe a e neilweng ke Jehova.