1. Jehova a boela a bua le Moshe, a re:
2. Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Mekete ya Jehova eo le tla e mema, e tla ba diphutheho tse halalelang. Ke ena mekete ya ka:
3. Ho tla sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke Sabatha, ke letsatsi la phomolo; ka lona phutheho e halalelang e tla ba teng. Le se ke la sebetsa mosebetsi leha o le mong; ke Sabatha ya Jehova meahong ya lona kaofela.
4. Ke ena mekete ya Jehova, le diphutheho tse halalelang tseo le tlang ho di mema nakong ya tsona:
5. Ka kgwedi ya pele, ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, ka nako ya mantsiboya, e tla ba Paseka ya Jehova.
6. Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi eo, e tla ba mokete wa mahobe a se nang ditomoso, o etsetswang Jehova; le tla ja mahobe a se nang ditomoso ka matsatsi a supileng.
7. Ka letsatsi la pele, le tla ba le phutheho e halalelang; le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong.
8. Ka matsatsi a supileng, le tla hlahisetsa Jehova mahlabelo a tjheswang ka mollo. Ka letsatsi la bosupa, phutheho e halalelang e tla ba teng; le se ke la etsa mosebetsi le o mong ka lona.