17. Jehova a bua le Moshe, a re: Bolella Aarone, le bara ba hae, le bana ba Iseraele kaofela, o re ho bona:
18. Motho e mong le e mong wa ntlo ya Iseraele, kapa wa baditjhaba ya ahileng Iseraeleng, ya tlang ho hlahisetsa Jehova sehlabelo ka ho phetha kano, leha e le nyehelo ka ho ithatela,
19. o tla hlahisa ntho e tona e se nang sekodi, e kgethilweng dikgomong tsa lona, kapa dinkung tsa lona, kapa dipoding tsa lona; hore ntho ya hae e ke e dumelehe.
20. Le se ke la hlahisa letho le nang le sekodi, hobane le ke ke la dumeleha.
21. Ekare ha motho a hlahisetsa Jehova sehlabelo sa teboho ka ho phetha kano, kapa nyehelo ya ho ithatela, a nke dikgomong kapa dikgutshwaneng, e be ntho e hlokang sekodi, e tle e dumelehe; ho se ke ha eba sekodi ho yona.
22. Le se ke la hlahisa ntho e foufetseng, kapa e holofetseng, kapa e faotsweng, kapa e nang le dibebe, kapa e sekgwakgwa, kapa e nang le dihloba, mme le se ke la etsa ka yona aletareng sehlabelo se tjhesetswang Jehova.
23. O ka etsa nyehelo ya boithatelo ka kgomo, kapa ka nku e nang le setho se selelele, kapa se sekhutshwanyane; empa ntho e jwalo e ke ke ya dumellwa hore ho tle ho phethwe kano ka yona.
24. Le se ke la hlahisetsa Jehova ntho e marete a teteditsweng, kapa a pshatlilweng, kapa a qotsutsweng, kapa a pomilweng; mme le se ke la etsa sehlabelo ka e jwalo naheng ya lona.
25. Le se ke la amohela tse jwalo matsohong a baditjhaba ho etsa ka tsona sejo sa Modimo wa lona, hobane di holofetse, di na le dikodi; di ke ke tsa dumellwa ke hona.
26. Jehova a boela a bua le Moshe, a re:
27. Kgomo, nku, leha e le podi e tlang ho tswalwa, e tla dula le mma yona ka matsatsi a supileng; ho tloha letsatsing la boroba meno e le mmedi, le kamora lona, e tla dumellwa hore e hlahisetswe Jehova, e be sehlabelo se tjheswang ka mollo.