Levitike 2:11-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Leha le hlahisetsa Jehova nyehelo efe le efe, e se ke ya etswa ka ditomoso, hobane le ke ke la tjhesetsa Jehova nyehelo ya setjheso e nang le ditomoso, leha e le dinotshi.

12. Le ka nyehella Jehova ka tsona dinyehelong tsa lona tsa dilopotsiya; empa di se ke tsa hlahiswa aletareng jwaloka monko o monate.

13. O tla noka ka letswai nyehelo tsohle tseo o di hlahisang; o ke ke wa lebala le ka mohla o le mong letswai la selekane sa Modimo wa hao nyehelong ya hao; o tla kenya letswai nyehelong e nngwe le e nngwe eo o e hlahisang.

14. Ekare ha o rata ho etsetsa Jehova nyehelo ya dilopotsiya, o tla hlahisa diqwapi tse qalang ho butswa, tse besitsweng mollong, dihlaku tse hohlilweng, e be nyehelo ya dilopotsiya tsa hao;

15. o tla di tshela ka ole, o di nonetse ka dibano: ke nyehelo.

16. Moprista o tla tjhesa karolo ya kgopotso ya dihlaku tse hohlilweng, le ya ole le dibano kaofela: ke nyehelo e tjheseditsweng Jehova.

Levitike 2