10. Se setseng nyehelong eo e tla ba sa Aarone le bara ba hae; ke kabelo e halalelang haholo hara mahlabelo a tjheseditsweng Jehova.
11. Leha le hlahisetsa Jehova nyehelo efe le efe, e se ke ya etswa ka ditomoso, hobane le ke ke la tjhesetsa Jehova nyehelo ya setjheso e nang le ditomoso, leha e le dinotshi.
12. Le ka nyehella Jehova ka tsona dinyehelong tsa lona tsa dilopotsiya; empa di se ke tsa hlahiswa aletareng jwaloka monko o monate.
13. O tla noka ka letswai nyehelo tsohle tseo o di hlahisang; o ke ke wa lebala le ka mohla o le mong letswai la selekane sa Modimo wa hao nyehelong ya hao; o tla kenya letswai nyehelong e nngwe le e nngwe eo o e hlahisang.
14. Ekare ha o rata ho etsetsa Jehova nyehelo ya dilopotsiya, o tla hlahisa diqwapi tse qalang ho butswa, tse besitsweng mollong, dihlaku tse hohlilweng, e be nyehelo ya dilopotsiya tsa hao;