7. Ha se ka jewa ka letsatsi la boraro, e tla ba ntho e sebodu, le sehlabelo se ke keng sa dumeleha.
8. Ya tlang ho se ja, o tla jara boima ba molato wa hae, hobane o nyefotse se kgethetsweng Jehova; motho eo o tla tloswa hara setjhaba sa habo.
9. Etlare ha le kotula masimo a naha ya lona, o se ke wa kotudisa lehlakore la tshimo ya hao, mme o se ke wa thonakisa se ka salang tshimong.
10. Hape, o se ke wa kgwahlapisa morara wa hao, mme o se ke wa thonaka ditholwana tse weleng merareng. O di tlohelle bafumanehi le moditjhaba. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.
11. Le se ke la utswa, mme le se ke la thetsana ka mashano, leha e le ho phoma ba bang.
12. Le se ke la hlapanya ka leshano ka lebitso la ka, hobane moo etlaba ke ho nyefola lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Jehova.
13. O se ke wa katella wa heno, leha e le ho mo tlatlapa. Moputso wa ya o sebeletsang ka letsatsi, o se ke wa o boloka ho isa hosasane.
14. O se ke wa rohaka ya tsebetutu; o se ke wa bea letho pela sefofu le ka mo kgopang. Tshaba Modimo wa hao. Ke nna Jehova.
15. Ha o ahlola, o se ke wa ahlola ka bokgopo; o se ke wa tadima tshobotsi ya ba eisehang, mme o se ke wa emela kahlolong ka ho ba hlompha ba leng baholo, o mpe o ahlole wa heno ka ho loka.
16. O se ke wa etselletsa le a mong wa setjhaba sa heno ka leshano, mme o se ke wa itlhahisa ho ba paki ya ho tsholla madi a wa heno. Ke nna Jehova.