Levitike 18:19-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. O se ke wa atamela mosadi ya idileng, ho apola bofeela ba hae.

20. O se ke wa bokana le mosadi wa wa heno ho itshela sesila le yena.

21. O se ke wa neela ngwana leha a le mong wa bana ba hao hore a abelwe Moloke, o tle o se ke wa nyefola lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Jehova.

22. O se ke wa robala le monna, jwalokaha ho robalwa le mosadi: ke ntho e manyala.

23. O se ke wa kopano le phoofolo ho itshela sesila ka yona. Mosadi a se ke a emela phoofolo ho robala le yona: ke manyala a tshabehang.

24. Le se ke la itshela sesila ka efe le efe ya ntho tseo, hobane ke ka dintho tseo kaofela ditjhaba tseo ke yang ho di lelekisa pela lona di itshetseng ditshila.

Levitike 18