1. Jehova a boela a re ho Moshe:
2. Bolella Aarone le bara ba hae, le bana ba Iseraele kaofela, o re ho bona: Se laetsweng ke Jehova ke sena:
3. Ekare ha motho wa ntlo ya Iseraele a hlaba kgomo, leha e le nku, kapa podi, diahelong, kapa kantle ho diahelo,
4. a sa e tlise monyako wa tente ya pokano hore e be nyehelo ho Jehova pela tabernakele ya Jehova, madi a yona e tla ba molato ho yena, mme motho eo, ya tsholotseng madi, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo;
5. hore bana ba Iseraele, bakeng sa ho hlabela dintho tsa bona naheng, ba di tlise ho moprista pela Jehova, monyako wa tente ya pokano, mme ba di hlahisetse Jehova, e be mahlabelo a teboho.
6. Moprista o tla tshollela madi a yona aletareng ya Jehova, monyako wa tente ya pokano, mme o tla tjhesa mafura, e be monko o monate ho Jehova.
7. ba se ke ba hlola ba hlabela diphooko tseo ba di latelang bootsweng ba tsona. Ke oo molao o sa feleng oo ba tlang ho ya ka wona melokong yohle ya bona.
8. O fele o re ho bona: Ekare ha motho wa ntlo ya Iseraele, leha e le wa baditjhaba ba ikahetseng ho bona, a hlahisa setjheso, leha e le sehlabelo,
9. a sa ka a se tlisa monyako wa tente ya pokano ho se hlahisetsa Jehova, motho eo o tla tloswa hara setjhaba sa habo.
10. Ekare ha motho wa ntlo ya Iseraele, leha e le wa baditjhaba ba ikahetseng hara lona, a ka ja madi afe le afe, ke tla tjamela motho eo ya jang madi, ke mo tlose hara setjhaba sa habo.
11. Hobane moya wa nama o mading. Ke le neile wona aletareng, a tle a etsetse meya ya lona pheko, hobane ke ka baka la moya madi a ka etsang pheko.
12. Ke ka baka leo ke itseng ho bana ba Iseraele: Ho se be motho hara lona ya jang madi; le yena moditjhaba ya ikahetseng hara lona, a se ke a ja madi.