18. Etlare ha a etswa, o tla ya aletareng e pela Jehova, mme o tla e etsetsa pheko ka ho nka madi a pohwana le madi a phooko, ao a tlang ho a bea manakeng a aletare ka nqa tsohle;
19. o tla foka aletare ka madi ao hasupa ka monwana wa hae, a e hlwekise, a e halaletse ka baka la tse sa hlwekang tsa bana ba Iseraele.
20. Etlare hobane a etsetse sehalalelo le tente ya pokano le aletare pheko, o tla hlahisa phooko e utlwang.
21. Aarone o tla bea matsoho a hae a mabedi hloohong ya phooko e utlwang, a bolele hodima yona makgopo kaofela a bana ba Iseraele, le ditlolo tsohle tseo ba sitilweng ka tsona; o tla di bea hloohong ya phooko, a ntoo e kgannela feelleng ka motho ya kgethetsweng hoo,
22. phooko e tle e ise naheng e se nang batho dibe tsohle tsa bona, tseo e di jereng; mme e tla tebellwa feelleng.
23. Aarone o tla kena tenteng ya pokano, ho ya hlobola diaparo tsa lene tseo a neng a di apere ha a tla kena sehalalelong, mme a di tlohele teng;
24. o tla hlatswa mmele wa hae metsing, nqalong e halalelang, mme o tla boela a apare diaparo tsa hae. Hamorao, o tla tswa, a hlabe setjheso sa hae le setjheso sa setjhaba, a iketsetse pheko, a etsetse le setjhaba.
25. O tla tjhesa hodima aletare mafura a sehlabelo sa sebe.
26. Ya isitseng phooko ya Asasele, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme a hlatswe le mmele wa hae metsing, a ntoo kgutlela diahelong.
27. Pohwana ya sehlabelo sa sebe, le phooko ya sehlabelo sa sebe, tseo madi a tsona a isitsweng sehalalelong ho ba pheko, di tla thothelwa kantle ho diahelo, mme matlalo, le dinama, le meswang ya tsona di tla tjheswa ka mollo.
28. Ya di tjhesitseng o tla hlatswa diaparo tsa hae, a hlatswe le mmele wa hae metsing; a ntoo kgutlela diahelong.