44. moprista o tla tla, mme ha a bona hoba letheba le thopohetse lebota la ntlo, ke lepera le fukutlang, le jang ntlo; ntlo eo e sesila.
45. Ntlo eo e tla heletswa, le majwe a yona, le difate tsa yona, le mabota a yona; ntho tseo kaofela di tla thothelwa kantle ho motse, nqalong e sesila.
46. Leha e ka ba mang le mang ya keneng ka tlung eo ka matsatsi ao e kwetsweng ka wona, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.
47. E mong le e mong ya robetseng ka tlung eo, o tla hlatswa diaparo tsa hae; leha e ka ba mang le mang ya jetseng ka tlung eo, o tla hlatswa diaparo tsa hae.
48. Empa ekare ha moprista a kgutlela, mme a bona hoba letheba ha le a ka la thopohela leboteng la ntlo, ha e se e batehilwe, moprista o tla bolela hore e hlwekile, hobane letheba le fedile.
49. Hlatsuo ya ntlo eo e tla etswa ke moprista ka dirobele tse pedi, le lehong la kedare, le krimsone, le hisopa.
50. Se seng sa dirobele o tla se hlabela pitseng ya letsopa e tshetseng metsi a molatswana;
51. o tla nka lehong la kedare, le hisopa, le krimsone, le serobele se utlwang, mme o tla di qopetsa hammoho mading a serobele se hlabilweng, le metsing a molatswana, mme o tla foka ntlo eo hasupa ka wona.
52. O tla etsa jwalo pheko ya ntlo ka madi a serobele, le ka metsi a molatswana, le ka serobele se utlwang, le ka lehong la kedare, le ka hisopa, le ka krimsone.
53. Haele serobele se utlwang, o tla se tlohela a le kantle ho motse, nahathothe. Ho tla etswa jwalo pheko ya ntlo, mme etlaba e hlwekile.
54. Ke wona oo molao o beetsweng mefuta yohle ya lepera, le setshwa,
55. le lepera la diaparo, le la matlo,
56. le diso, le makgopho, le matheba,
57. ho tle ho tsejwe ka wona ntho e sesila, le ntho e hlwekileng. Ke oo molao bakeng sa lepera.