31. le leng e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso se tla hlahiswa hammoho le nyehelo, mme moprista o tla etsetsa ya itlhatswang pheko pela Jehova.
32. Ke oo molao wa ho itlhatswa oo ya jewang ke lepera a tshwanetseng ho ya ka wona, ha a haellwa.
33. Jehova a boela a bua le Moshe, le Aarone, a re:
34. Etlare hobane le kene naheng ya Kanana eo ke le neang yona, le e rue, ha nka otla ntlo efe le efe ya naha eo le tlang ho e rua ka lefu la lepera,
35. monga ntlo o tla tla ho moprista ho mo tsebisa ka ho re: Ke lemohile ho kang letheba ka tlung ya ka.
36. Moprista ha a eso ho kene ho tadimisisa letheba leo, o tla laela hore ntlo eo e phahlwe, hore se ka tlung se se ke sa tshwaetswa ke sesila; jwale moprista o tla kena ho tadimisisa ntlo eo.
37. O tla tadimisisa letheba; ha a bona hoba le hlahisitse dikotjana maboteng a ntlo tse phobetsehileng leboteng, tse mmala o motalana, kapa o mofubetswana,
38. moprista o tla tswa tlung eo; etlare ha a le monyako wa ntlo, a o kwale ka matsatsi a supileng.
39. Moprista o tla kgutlela tlung eo ka la bosupa, mme ha a bona hobane letheba le namile maboteng a ntlo,