13. mme moprista ha a tadima, a bona hoba lepera le apesitse mmele wa hae kaofela, o tla bolela hore mobabi o hlwekile; ha a se a fetohile a be mosweu kahohle, o hlwekile.
14. Empa ka letsatsi leo nama e petohileng e bonahalang ho yena ka lona, etlaba o sesila;
15. etlare hobane moprista a bone nama e petohileng, o tla mmolela hore o sesila; nama e petohileng ke sesila, ke lona lepera.
16. Empa ha nama e petohileng e sweufala, o tla itlhahisa ho moprista;
17. moprista o tla mo tadimisisa, mme ha nama eo e boetse e sweufetse, moprista o tla bolela hore mobabi o hlwekile; o fela a hlwekile.
18. Ekare ha seso se hlahile letlalong la nama ya motho, se ba se fola,
19. mme ho hlaha kokobalo e tshweu bakeng sa sona, kapa letheba le bosweu bo bofubetswana, mobabi o tla tshwanela ho itlhahisa ho moprista.
20. Moprista o tla se tadima, mme ha a bona hoba se phobetse ho feta letlalo, le mohwete o ho sona o sweufetse, moprista o tla mmolela hore o sesila; ke sephobe sa lepera le hlahileng kahara seso.
21. Etlare ha moprista a tadima, mme a bona ho se mohwete o sweufetseng, ho se le sephobe se phobetseng ho feta letlalo, empa se bonahala eka se sobane, moprista o tla mo kwalla tlung ka matsatsi a supileng.
22. Ekare ha se kekile letlalong, moprista o tla mmolela hore o sesila; ke bohloko ba lepera.
23. Empa ha letheba le ntse le dutse bodulong ba lona, le sa ka la keka, ke leqeba la seso; moprista o tla mmolela hore o hlwekile.
24. Ekare ha motho a ena le lebadi la ho tjha letlalong la mmele wa hae, mme ho hlaha lebading leo letheba le lesweu, kapa le bosweu bo bofubetswana, moprista o tla le tadimisisa.
25. Ha mohwete o lethebeng o sweufetse, mme letheba le phobetse ho feta letlalo, ke lepera le hlahileng lebading la ho tjha; moprista o tla bolela motho eo hoba o sesila; ke bohloko ba lepera.
26. Empa moprista ha a bona hoba mohwete ha o a ka wa fetoha wa eba mosweu lethebeng, mme le sa ka la phobela ho feta letlalo, le hoba le boetse bosweung, moprista o tla mo kwalla tlung ka matsatsi a supileng.