29. Haele diphoofotswanyana tse nyekenyehang lefatsheng, tseo le tla di tadima hore di ditshila, ke kgwiti, le tweba, le bommampharwane ka mefuta ya bona;
30. le hlong, le sehoho, le lekgala, le kgofu, le lenwabo.
31. Tseo e tla ba ditshila ho lona hara tsohle tse nyekenyehang; e mong le e mong ya tlang ho di ama ha di shwele, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.
32. Ntho efe le efe eo ditopo tsa tsona di wetseng hodima yona, e tla ba sesila, leha e ka ba ntho efe le efe ya lehong, leha e le seaparo, kapa letlalo, kapa mokotla, kapa ntho efe le efe eo ho sebetswang eng le eng ka yona; e tla inwa metsing, mme e tla ba sesila ho isa mantsiboya, mme kamora moo, e tla ba e hlwekile.
33. Pitsa efe le efe ya letsopa eo ho welang ho hong ha tsona ho yona, e tla ba sesila, le tsohle tse ka teng di tla ba sesila le tsona, mme le tla thuha pitsa eo.