1. Jehova a bua le Moshe le Aarone, a re ho bona:
2. Bolellang bana ba Iseraele, le re: Tse utlwang tseo le ka di jang hara diphoofolo tsohle tse lefatsheng ke tsena:
3. Phoofolo e nngwe le e nngwe e nang le dikgola tse pedi le tlhako e arohaneng, e busolosa, e be dijo ho lona.
4. Haele tse busolosang feela, kapa tse ditlhako di arohaneng feela, tsona le se ke la di ja: ke kamele, hobane e a busolosa, empa ha e na tlhako e arohaneng; e tla ba sesila ho lona;
5. le pela, hobane e a busolosa, empa ha e na tlhako e arohaneng; e tla ba sesila ho lona;
6. le moutla, hobane o a busolosa, empa ha o na tlhako e arohaneng; o tla ba sesila ho lona;
7. le kolobe, hobane leha e na le tlhako e arohaneng, le dikgola tse pedi, ha e busolose; e tla ba sesila ho lona.
8. Le se ke la ja nama ya tsona, leha e le ho ama ditopo tse shweleng tsa tsona; di tla ba ditshila ho lona.
9. Haele tse utlwang tse ka metsing, tseo le ka di jang, ke kaofela ha tse nang le maphewana a ho hlapa le makgakgapha; tse jwalo tse ka metsing, le mawatleng, le dinokeng, e tla ba dijo ho lona;
10. empa tsohle tse se nang maphewana a ho hlapa le makgakgapha, tse ka mawatleng le dinokeng, leha e le tsohle tse nyekenyehang metsing, le tse utlwang tse phelang ka metsing, di tla ba manyala ho lona.
11. E hle e be manyala ho lona. Le se ke la ja nama ya tsona; le ditopo tse shweleng tsa tsona e ke e be manyala ho lona.
12. Tsohle tse ka metsing, tse se nang maphewana a ho hlapa le makgakgapha, e tla ba manyala ho lona.
13. Haele dinonyana tseo le tla re ke manyala, tse se nang ho jewa, tse tlang ho ba manyala ho lona, ke tsena: Ntsu, le seodi, le ntsu ya lewatle;
14. letlaka, le nkgodi, ka mefuta ya tsona;
15. mefuta yohle ya makgwaba;
16. mpshe, kgohwadira, letlakapipi, le phakwe ka mefuta ya tsona;
17. sephooko, seinodi, lengangane;
18. lehalanyane, moholodi, kokolofitwe,