Levitike 10:5-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Ba atamela, ba ba jarela kantle ho diahelo, ka dikojwana tsa bona, kamoo Moshe a laetseng kateng.

6. Moshe a re ho Aarone le ho Eleasare le Ithamare, bara ba hae: Le se ke la rola hloohong tsa lona, le se ke la hahola diaparo tsa lona, hore le tle le se ke la shwa, mme Jehova a tle a se ke a halefela phutheho kaofela; lesang banababo lona, ba ntlo ya Iseraele kaofela, ba lle hodima tjheso e kgolo e tukisitsweng ke Jehova.

7. Le se ke la tloha monyako wa tente ya pokano, hore le tle le se ke la shwa; etswe ole ya tlolo e dutse hodima lona. Ba etsa ka polelo ya Moshe.

8. Jehova a bua le Aarone, a re:

9. O se ke wa nwa veine, leha e le jwala, wena, leha e le bara ba hao, bao o nang le bona, ha le se le tla kena tenteng ya pokano, hore le tle le se ke la shwa. Ke taelo ya kamehla melokong ya lona yohle e tlang ho tla,

10. hore le tle le tsebe ho lemoha se kgethehileng, le se sa kgethehang, le se sa hlwekang, le se hlwekileng;

11. le ho ruta bana ba Iseraele melao yohle eo Jehova a ba laetseng yona ka molomo wa Moshe.

12. Moshe a re ho Aarone le ho Eleasare le Ithamare, bara ba hae ba babedi ba pholohileng: Nkang nyehelo e setseng ya mahlabelo a tjheseditsweng Jehova, mme le e je e sa lomoswa, kathoko ho aletare; hobane e halalela haholo.

Levitike 10